Tlholeho ya Kopano ya Afrika le Tharollo e Ntjha ya Afrika (Sesotho)

Tlholeho ya Kopano ya Afrika (KA) e tsamaelana le ho thehwa ha Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika,e tsebahalang e le NEPAD ka Senyesemane, le ho sebediswa ha tharollo ya Seboka sa Tshebedisano, Ntshetsopele, Botsitso ie Tshireletso, Afrika. Le ha mesebetsi ena e meraro e emetse mefuta e fapaneng ya ditharollo tsa Kontinente, katleho sebakeng se seng e tia tshwaetsa katleho ho e meng, mme kaofela ha yona e reretswe ho akotisa Tsoseletso ya Afrika, mme e else selemokgolo sa Afrika hore e be ntho e teng.

Ho thehwa ha Kopano ya Afrika (KA)

Kopano ya Afrika e tla emela Mokgatlo wa Kopano wa Afrika. Baetapele ba Mebuso ya Afrika ba ile ba amohela ho thehwa ha Kopano ya Afrika ka kgwedi ya Hlakubele 2001 nakong eo ho neng ho tshwerwe Seboka sa Tshohanyetso sa Mokgatlo wa Kopano wa Afrika (MKA) mane Sirte, Libiya. Afrika Borwa e ile ya ingodisa ka 23 Mmesa 2001, e dumela ho thehwa le molao o thehang

Kopano ya Afrika o bitswang Molao wa Molao wa Motheo wa Kopano ya Afrika. Ka ho etsa jwalo, Afrika Borwa e kopane le dinaha tse ding tsa Afrika tse 35 tseo e leng tsona tse qadileng ho theha Kopano ya Afrika. Taba ena ke katleho eo Afrika Borwa a itlotlisang ka yona hobane ha e a ka ya eba le monyetla wa he ba setho se thehang Mokgatlo wa Kopano wa Afrika (MKA) hobane apareteite e ile ya e sitisa ho ba ditabeng tsa matjhaba. Jwale, Afrika Borwa e ka kena kgabong ya ho lokisetsa batho bohle bophelo bo botle Afrika.

Molao wa Molao wa Motheo wa Kopano ya Afrika o emela Lengolo la Tumello la Mokgatlo wa Kopano wa Afrika , le ha ho le jwalo, Lengolo la Tumello le tla nne le sebetse ho tloha ka kgwedi ya 11 Phupu 2001 ho fihlela 10 Phupu 2002, ho fihlela Kopano ya Afrika e sebetsa. Kopano ya Afrika e ke ke ya sebetswa jwalo ka Mokgatlo wa Kopano ya Afrika eka ho fetotswe lebitso feela, empa e tla ba le matla a ho ntlafatsa moruo, dipolotiki le ntshetsopele ya phedisano ya Ma-Afrika. E tla thusa ka ho hlokomela hore Kontinente e ikemisetse ho sebetsana le mathata a Selemokgolo sa 21 le ho fihlela sepheopheo sa Kopano ya Afrika e phethahetseng. Ka kgwedi ya Phupu 2002, ho tia tshwarelwa Seboka se Seholo sa Kopano ya Afrika, Afrika Borwa.

Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke eng Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke lenaneo la Afrika la ntshetsopele ya Afrika. Tshebedisano e bile teng ka lebaka la ho kopana ha tshebedisano ya Miliniamo ya Lenane la ho Iphumana ha Afrika (ka Senyesemane ke MAP) le Moralo wa OMEGA o kopilweng ke Mokgatlo wa Kopano ya Afrika. Tharollo e Ntjha ya Afrika, e seng e tsejwa e le TNNA e ile ya amohelwa Sebokeng se Seholo sa Lusaka ka 11 Phupu 2001. Tharollo ke boitelo ba baetapele ba Afrika ba ho fedisa bofuma !e ho beha kontinente ya Afrika tseleng ya kgolo le ntshetsopele. E thehilwe hodima hore Mebuso ya Afrika e buse hantle, ka demokerasi le ditokelo tsa botho, ha e ntse e sebetsa ho thibefa le ho rarolla maemo a kgohlano le ho SQ tsitse kontinenteng.
Tokomane ya motheo ya TNNA e kenyeletsa moralo wa leano le radilweng la Ketsahalo ya Lenane le hiahlositsweng ka botlalo. Tshebedisano e tla sebetsana le tse latelang:

Ditlhoko tsa ntshetsopele
· Kgotso, tshireletso, demokerasi le puso ho ya ka dipolotiki
· Puso ya moruo le tshebedisano, e shebaneng le taolo ya ditjhelete tsa setjhaba
· Kopano le tshebedisano ya lebatowa
Dikarolo tsa bohlokwa
· .Ditlhophiso tsa motheo
· Thekenoloji ya Tsebiso le dikgokahanyo
· Ntshetsopele ya batho e mabapi le bophelo bo botle, thuto le ntshetsopele ya bokgoni
· Temo
Pokello ya mehlodi
· Keketso ya dipoloko le tjhelete e kenang ka ho fokotsa molato, ho kena ha Thuso ya Ntshetsopele ya Mmuso le tjhelete ya poraevete, ha mmoho le taolo e ntlafetseng ya ditjhelete tsa setjhaba le ditshenyehelo.

Afrika Borwa le dinaha tse ding tsa Afrika tseo esale di ntse di sebetsa ka lenane le batsi la ho aha tshehetso ya matjhaba mabapi leTNNA. Di se di atlehile boitekong ba tsona ka ho fumana tshehetso ka Tshebedisano e tswang matjhabeng a maholo le mekgatlong ya ditjhaba tse ngata le diboka - tse jwalo ka Lekgotla la Kopano ya Ditjhaba la Moruo le Phedisano, Seboka se Seholo sa G8, ha mmoho le Seboka sa Lefatshe sa Kopano ya Ditjhaba Se Kgahlanong le Bomorabe se neng se tshwaretswe Thekong. Ka 2002 ba tla isa Tshebedisano ya Seboka se Seholo se Tswellisetsang pele Ntshetsopele, le Sebokeng sa Ntshetsopele ya Ditjhelete se tla tshwarelwa Meksikho.

Seboka sa Tshireletso, Botsitso, Ntshetsopele le Tshebedisano Afrika (STBNTA)

Tshebetso ya STBNTA ke tharollo e nngwe ya bohlokwa meralong ya ho ntshetsa pele Kontinente eo ho ikemiseditsweng yona ya Afrika hobane e tia bopa puisano ya bohlokwa mahareng a diketsahalo tse fapaneng tse teng hona jwale tse sebetswang ke Mokgatlo wa Kopano ya Afrika/Setjhaba sa Moruo sa Afrika (MKA/SMA) Raporoto ya Kopano ya Pele ya Matona a STBNTA e neng e tshwaretswe Abuja ho tloha ka 8 ho fihlela 9 Motsheanong 2000, e ile ya amohelwa ke Seboka se Seholo sa MKA/SMA mane Lome selemong sona sena (2000). STBNTA e tla thusa ka puisano e hlokehang mosebetsing wa KMA/SMA dibakeng tsa kgotso, tshireletso, botsitso, ntshetsopele le tshebedisano.

Mehope e mene (Tshireletso, Botsitso, Ntshetsopele le Tshebedisano) e tla tswellisetsa pele dipuisano nakong ya dikopano tse fapananeng tsa Mehope ka ho sebediswa ha STBNTA Qetellong ya dikopano tsena tsohle. Kopano ya Matona e tla tshwarwa ho hlahloba seo dikopano tsa Mehope di se kgothaletsang. Hona ho tla latelwa ke Seboka se Seholo se ikemetseng se tshwarwang habedi ka selemo se tla ba ka nako e le nngwe le Seboka se Seholo sa pele sa Kopano ya Afrika se tia tshwarwa ka kgwedi ya Phupu 2002, Afrika Borwa.

STBNTA se tia ka foramo ya leano la ntshetsopele mabapi le dipuisano le tswelopele ya melemo e tshwanang ka hara dihlopha tsa leano la MKA/SMA. Ho hlokomela hore STBNTA e tswela pele ho ba teng ka ho hlahisa ditholwana le hore e sebediswa ho latela maemo a beilweng a MKA/SMA, ho dumellanwe hore Seboka se Ikemetseng sa STBNTA se tla thehwa, ho kgotsofatsa le ho hlahloba STBNT A dilemong tse pedi ka ho latellana nakong ya Seboka se Seholo. Yuniti le yona e tla be e thehwa ho ya ka Bongodi ba MKA/SMA ho hlokomela mesebetsi ya STBNTA.

Lefapha la Ditaba tsa Ka Ntle

Mphalane 2001


Quick Links

Disclaimer | Contact Us | HomeLast Updated: 21 July, 2004 1:13 PM
This site is best viewed using 800 x 600 resolution with Internet Explorer 5.0, Netscape Communicator 4.5 or higher.
© 2003 Department of Foreign Affairs, Republic of South Africa